BOLAODI BA MOTLAKASE WA SETJHABA
TSHEBEDISO E HLWAHLWA YA MOTLAKASE
SELELEKELA
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba ha bo ne bo thakgolwa ka kgwedi ya Mmesa 1995, bo ile ba itlama ho ntshetsa pele mosebetsi wa phepelo ya motlakase tshebetsong ya Indaseteri ya Phepelo ya Motlakase. Ho ile ha hlophiswa dipehelo tsa tshebetso mme tsa amohelwa ke Bolaodi e le hore di sebediswe ke bafepedi e le ho etsa bonete ba hore basebedisi ba motlakase ba sebeletswa hantle. O mong wa mesebetsi ya Bolaodi bona ba Motlakase wa Setjhaba ke ho hlokomela hore bafepedi ba sebetsa ho latela dipehelo tsena tsa tshebetso.
Bolaodi bo bile bo hlokometse hore basebedisi ba motlakase le bona ba na le boikarabelo bo itseng bolaoding bona ba motlakase. Ke taba e dumelwang hore haeba basebedisi ba motlakase ba hlokomela le ho tseba ka dipehelo tsena tsa tshebetso ba tla ba le hona ho phephetsa bafepedi hore ba hle ba sebetse ka bokgabane ka ho fetisisa. Ka tsela e jwalo basebedisi ba motlakase ba lokela ho tseba maemo a tshebetso a ba tshwanelang. Ka mabaka ana a boletsweng, Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo hlophisitse tokomane e thusang mmadi le mosebedisi wa motlakase ho feta e ntseng e sebediswa le hoja e sa fetole sepheo sa yona.
Re a tshepa hore basebedisi ba motlakase ba tla itlwaetsa maemo ana a tshebetso mme ba tshehetse Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba morerong wa bona wa ho hlokomela le ho tataisa bafepedi bohle ba nang le dilaesense.
Molaodi e moholo: Mesebetsi wa basebedisi ba motlakase
BOLENG BA TSHEBEDISO YA MOTLAKASE BAKENG SA BASEBEDISI BA NANG LE MOKITLANE/BA SEBEDISANG DIMETARA TSE TLWAELEHILENG
DIPEHELO TSA BOLENG BA TSHEBETSO
DITLHALOSO TSA BOHLOKWA
BOIKARABELO BA MOFEPEDI
BOIKARABELO BA MOSEBEDISI WA MOTLAKASE
DIKOPO TSE NTJHA TSA PHEPELO KAPA DIKOPO TSA KEKETSO E NTSENG E LE TENG YA PPHEPELO YA MOTLAKASE
TSEBISO HO BASEBEDISI BA MOTLAKASE
Ho balwa ha dimetara kgafetsakgafetsa
Mokgwa wa ho lekanya Tshebediso ya Motlakase
Sebopeho sa Akhaonte ya Motlakase
Dibaka tseo ho leshwang motlakase ho tsona
Boipelaetso malebana le diakhaonte
Dibaka tse kwetsweng
HO KGAOLWA HO QOBELLWANG TSHEBETSONG YA MARANRANG A MOTLAKASE
Dibaka tsa bodulo tse seng di ahilwe matlo
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di ntshetswa pele
Dibaka tsa kgwebo tse nyenyane ho isa tse mahareng
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ho tswa maranrang a bobebe
HO KGAOLWA HO RERILWENG HA MARANRANG A MOTLAKASE
Dibaka tsa bodulo tse seng di ahilwe matlo
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di ntshetswa pele
Dibaka tsa kgwebo tse nyenyane ho isa tse mahareng
DITLETLEBO TSA BASEBEDISI, DIPATLISISO LE DIKOPO
Ditletlebo tsa basebedisi ba motlakase
Dipatlisiso tsa basebedisi ba motlakase
Dikopo tsa basebedisi ba motlakase
HO SE IKAMAHANYE LE NRS 048-2
MAEMO A BOLENG BA MOSEBETSI
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo se bo ne bo hlokomele kgale hore ho a hlokeha hore ho behwe dipehelo tsa maemo a tshebetso mabapi le Indaseteri ya Phepelo ya Motlakase. Maemo ana e lokela ho ba ao basebedisi ba motlakase ba ka a lebellang makaleng a fapaneng a mebaraka mme e be maemo ao bafepedi ba tla tshwanela ho kgothalla ho sebetsa ka ona.
E le ho etsa bonnete ba hore bafepedi ba motlakase ba sebetsa ho latela maemo ana ba lokela hore selemo le selemo ba etse pehelo ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba malebana le mosebetsi wa bona mme o bapiswa le maemo ana.
SEPHEO KA BUKANA ENA
Bukana ena e reretswe ho tsebisa basebedisi ba motlakase ba dimetara/ ba nang le mokitlane mabapi le boleng ba tshebeletso eo ba ka e lebellang ho bafepedi esita le hona ho etsa hore basebedisi ba motlakase ba tsebe le ho utlwisisa NRS 047 jwaloka ha e ba ama. Bukana ena e bile e hlalosa motjha oo basebedisi ba motlakase ba ka o latelang haeba ba na le boipelaetso kgahlano le mofepedi wa motlakase malebana le maemo a tshebetso.
Mesebetsi e ikgethileng eo mofepedi wa motlakase a e etsang hangata e etswa ka tumellano tse ikgethileng pakeng tsa mofepedi le mosebedisi wa motlakase mme tumellano tsena tsona ha di laolwe ke NRS 047.
Le ha ho le jwalo, re lokela ho hlakisa hore Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo lebella hore mosebedisi le mofepedi wa motlakase ba be le hona ho rarolla mathata a bona pele ba ka fetisetsa ditletlebo tsa bona ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba. Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo ke ke ba ba le seabo ha e se feela ha mathata a jwalo a sa rarollwe ke beng ba ona.
DITLHALOSO TSA BOHLOKWA
Ho na le mantswe a itseng a sebediswang hangata indasetering ya phepelo ya motlakase mme ho o tshwaneleha hore basebedisi ba motlakase ba tsebe ka ona le ditlhaloso tsa ona.
Mofepedi: Ke bolaodi bo filweng tumello kapa laesense ke Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bakeng sa ho fana le ho aba motlakase.
Boleng ba phepelo: Ke maemo a tlase bakeng sa boleng ba tshebetso ya phepelo ya motlakase, jwalo ka ditekanyetso tsa motlakase, thibelo ya phepelo ya motlakase, jwalojwalo jwalo ka ha ho hlalositswe Karolong ya Bobedi ya NRS 048.
Thibelo e rerilweng ya phepelo ya motlakase: Ena ke thibelo e rerilweng ya phepelo ya motlakase mme e rerilwe ke bolaodi ba phepelo ha bo ntshetsa pele merero ya tlhokomelo kapa dikatoloso tsa tshebetso ya maranrang a phepelo ya motlakase.
Thibelo e qobellwang ya phepelo ya motlakase: Ena ke thibelo ya phepelo ya motlakase e bang teng ha ho na le phoso tshebetsong ya maranrang a motlakase kapa metjhini ya motlakase e sa sebetse hantle.
Maranrang a lehae: Ana ke maranran g a fepelang dibaka tsa bodulo tse nang le matlo empa di se na disebediswa tse tswetseng pele jwalo ka ditsela.
Maranrang a metse ya ditoropo: Ana ke maranrang a fepelang dibaka tsa bodulo tse teteaneng tse nang le disebediswa tse tswetseng pele.
Phepelo ya nakwana kapa mokobobo: Ena ke phepelo ya motlakase e etsetswang mosebedisi wa motlakase ka nako eo ho nang le maemo a sa tlwaelehang. Phepelo ena e ka nna ya se ke ya ikamahanya le maemo a tshebetso a seng a ntse a sebediswa.
Tekanyetso e tlase ya motlakase: Hangata e sebediswa ho tshehetsa dibaka tsa bodulo kapa basebedisi ba motlakase ba dikgwebo tse nyenyane.
Tekanyetso e mahareng ya motlakase: Hangata e sebediswa ho aba motlakase esita le ho fepela basebedisi ba motlakase ba diindaseteri tse kgolo kapa dibaka tsa kgwebo.
Basebedisi ba mekitlane kapa ba dimetara tse tlwaelehileng: Basebedis ba motlakase bao tshebediso ya bona ya motlakase e methwang ka dimetara e balwang ke mofepedi wa motlakase mme ebe o romela akhaonte.
BOIKARABELO BA MOFEPEDI WA MOTLAKASE
Maemo a tshebetso a hlalositsweng ho NRS 047 Karolo ya Pele ke maemo a tlasetlase ao bafepedi ba motlakase ba lokelang ho kgothalla ho a fihlela. Le ha ho le jwalo, bafepedi ba motlakase ba ntse ba lebeletswe le ho kgothaletswa ho sebetsa ka matla ho feta dipehelo tseo tsa bonyane.
Maemong ao bafepedi ba hlolehang ho fihlella maemo a lebeletsweng a tshebetso ka mabaka ao ba ke keng ba a qoba, ha ba na fumanwa ba lokela ho jara boikarabelo ba ho se fihlelle maemo ao a lebeletsweng. Maemo a mofuta oo a akaretsa diketso tsa ntwa, boshodu le ho senya; diketso tse etsahalang indasetering, dikotsi tsa dikoloi esita le maemo a mabe a lehodimo. Maemo ana a boletsweng ka hodimo ha se ona feela, le ha ho le jwalo a reretswe ho totobatsa ho bontsha tse tla etsahala maemong ao a jwalo.
Maemong ao ho ona mofepedi a qabanang le mosebedisi wa motlakase, ke ntho e tlamang mofepedi wa motlakase ho leka ho fedisa qabang eo ka ho botsa batho ba bang. Mme ka tsela e jwalo, ha ho se ho hlahisitswe tletlebo, mofepedi o lokela ho tsebisa mosebedisi wa motlakase ka kopano kapa lemulwana, nako le sebaka moo ho tla lekwa ho rarolla bothata boo. Ho lokela hore ho hlake hore Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo tla ba le tokelo ya ho ba le seabo feela ha boiteko bona bo hloleha ho rarolla bothata bona.
BOIKARABELO BA MOSEBEDISI WA MOTLAKASE
Basebedisi ba motlakase ba na le boikarabelo ba ho hlokomela le ho ikobela melawana le dipehelo tse boletswetsweng ke mofepedi wa motlakase.
Ha basebedisi ba motlakase ba etsa dikopo tsa phepelo ya motlakase, basebedisi ba motlakase ba lokela ho hlahisa dintlha tsohle tsa bohlokwa tse hlokwang ke mofepedi wa motlakase, ba tlatse ditokomane tsohle tse tshwanelehang le hona ho lefa ditefello tse hlalositsweng.
Maemong a mang moo ho nang le tletlebo ka boleng ba tshebetso, ha re tea ka mohlala; ho tsepama ha dimetara tsa motlakase wa basebedisi ba motlakase, ho o tshwaneleha hore mosebedisi wa motlakase a hle a lefe tefello e boletsweng pele taba e fuputswa e sebetswa. Tjhelete ena e tla kgutliswa haeba metara o fumanwa o sa sebetse hantle.
Mosebedisi wa motlakase o lokela ho dumella mofepedi wa motlakase ho rarolla bothata pele taba e ka fetisetswa ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba haeba ba hloleha ho fihlella tumellano. Tadima legephe le qetellang bakeng sa dintlha tse feletseng.
KOPO E NTJHA YA PHEPELO YA MOTLAKASE KAPA KEKETSO YA PHEPELO E SENG E NTSE E LE TENG
Hangata basebedisi ba motlakase ba etsang dikopo tse ntjha tsa phepelo ya motlakase kapa kekeletso ya phepelo ya motlakase ho e seng e ntse e le teng ba kgathatswa ke ho se etse letho le ho etsa tsebiso ka letho. Ho latela NRS 047 hang ha mosebedisi wa motlakase a entse kopo ka lengolo bakeng sa phepelo e ntjha ya motlakase mme a ba a tlatsa le ditokomane tse tshwanelehang, mofepedi o lokela ho fana ka koteishene ya mosebetsi nakong tsena tse latelang:
Matsatsi a leshome a tshebetso moo ho ka sebediswang maranrang a ntseng a le teng mme ho se keketso ha e se feela thapo e fepelang dibaka e hlokeha
Kgwedi e le nngwe mme ho hlokeha phepelo e tlase ya motlakase kapa e mahareng e ekeditsweng ho disebediswa tse ntseng di le teng.
Haeba ho lokela ho hlophiswa sekgahla se mahareng sa phepelo ya motlakase mosebedisi wa motlakase le mofepedi ba lokela hore ba buisane ka nako ya ho fana ka koteishene.
Haeba mosebedisi wa motlakase a amohela koteishene ena, a lefa ditjhelete tsohle tseo a lokelang ho di lefa mme a phethahatsa dipehelo tsohle tse boletsweng ke mofepedi wa motlakase, mofepedi wa motlakase o tla qala ka phepelo e ntjha ya motlakase ka nako ena e boletsweng:
Nako ya matsatsi a mashome a mararo moo maranrang a teng a motlakase a ka nnang a sebediswa.
Nako ya dikgwedi tse pedi moo sekgahla se tlase kapa se mahareng sa motlakase se hlokehang ho maranrang a sebediswang a motlakase.
Haeba ho lokela ho thehwa disebediswa tse ntjha tsa sekgahla se mahareng, mosebedisi wa motlakase o lokela ho buisana ka nako ya ho hokela motlakase.
TSEBISO HO BASEBEDISI BA MOTLAKASE
E le ho etsa bonnete ba hore kgwebo kapa basebedisi ba motlakase ka hare ho matlo ba thabela menyetla ya tshebediso ya motlakase le hona ho utlwisisa maemo a tshebediso a lebeletsweng tlasa dipehelo tse itseng, Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo hlahisitse hore bafepedi ba tsebise basebedisi bohle ba motlakase wa dimetara dintlha tse latelang ka ho sebedisa diphatlalatso tse tshwanelehileng:
Hore na metara wa motlakase wa mosebedisi o tla balwa ka makgetlo a makae
Mokgwa o sebedisitsweng ho metha bongata ba motlakase o sebedisitsweng nakong eo ho neng ho sa balwe dimetara.
Sebopeho sa akhaonte ya motlakase
Mokgwa wa ho lefa akhaonte esita le nako e dumellwang pele ho behwa tjhelete ya kahlolo ka hodimo
Dibaka tseo ho ka leshwang ho tsona esita le dihora tsa tshebetso
Tjhelete ya kahlolo bakeng sa ho lefa kamora nako, ho se lefe esita le mosebetsi wa ho kgaolwa/hokelwa ha motlakase
Kamoo mosebedisi wa motlakase a lokelang ho hlahisa tletlebo kgahlano le akhaonte ya hae ka teng
Mokgwa oo mofepedi wa motlakase a lokelang ho o sebedisa haeba a hloleha ho kena tulong eo mosebedisi wa motlakase a dulang ho yona bakeng sa ho nka dipalopalo tsa motlakase o sebedisitsweng
Tshebetso ya ho bala dimetara tse ikgethileng esita le dimetara tse hlahlojwang ka hare.
Ditefello tsa kahlolo haeba ho na le ho fothakela dimetara e le ho sitisa phallo ya motlakase ka tsela ya tlolo ya molao
Mokgwa wa ho lefiswa ha diakhaonte tse saletseng morao, moo ho hlokehang
Metjhini ya phetiso ya sekgahla sa motlakase, moo ho hlokehang.
Haeba e nngwe ya dintlha tsena e sa hlahelle, mosebedisi wa motlakase o lokela ho botsa mofepedi wa hae wa motlakase.
Hangata dimetara di hlahlojwa ka nako e sa tsepamang mme diakhaonte tsa kgwedi di a hlophiswa. Hamorao ha diakhaonte di se di bokeleditswe di amantswe hammoho eba mosebedisi wa motlakase o tla tadimana le tefello tse phahameng tsa motlakase. Boemo bona ba ditaba ke bo sa kgotsofatseng mosebedisi wa motlakase. NRS 047 jwale e hlophisitse dipehelo tsa diakhaonte tse feletseng mme hona ho lebeletswe ho fokotsa maemo ana a sa kgotsofatseng. Mofepedi wa motlakase o lokela ho fana ka dintlha tse feletseng akhaonteng e le ho thusa mosebedisi wa motlakase ho tseba le ho utlwisisa hore o lefella eng.
Ho balwa ha dimetara kgafetsakgafetsa
Dimetara tsa dibaka tsohle tsa bodulo le tsa kgwebo tsa basebedisi ba motlakase tseo sekgahla sa motlakase se ka lekanngwangka ho otloloha mme ho sa sebediswe motlakase kapa sesebediswa se fokotsang sekgahla sa motlakase di lokela ho balwa kgafetsakgafetsa. Basedisi ba motlakase ba eletswa hore ba ba fumane hore na mofepedi wa motlakase o tla bala dimetara tsa bona neng tikolohong ya bona mme ba thuse mofepedi ho fihlella dibakeng tsa bona. Ba lokela ho hlokomela le ha ho le jwalo, hore dimetara di lokela ho balwa hanngwe nakong ya dikgwedi tse leshome le metso e mmedi.
Dimetara tsohle tse sebedisang motlakase kapa sesebediswa se fokotsang sekgahla sa motlakase bakeng sa ho bala dimetara, di lokela ho balwa hanngwe kgweding e nngwe le e nngwe. Hona ho sebediswa ho basebedisi ba dikgwebo tse kgolo le diindaseteri tse kgolo.
Mokgwa wa ho metha Bongata ba Motlakase o sebedisitsweng
Moo ho hlokehang ho fumana bongata ba motlakase o sebedisitsweng bakeng sa nako e itseng, tshebediso ya ya motlakase e lokela ho thehwa hodima dipalopalo tse seng di le teng. Haeba ho se jwalo, ke ho re, dipalopalo tse jwalo di le siyo, di lokela ho behwa ho mokgwa oo mosebedisi le mofepedi wa motlakase ba dumellanang ka ona.
Sebopeho sa Akhaonte ya Motlakase
Mofepedi wa motlakase o lokela ho totobatsa dintlha tsena tse latelang ka hloko akhaonteng ya motlakase:
Letsatsi la ho bala metara ka nako e fetileng (kapa tekanyetso ya palo) esita le ho balwa ha metara (kapa tekanyetso ya palo)
Letsatsi leo ho balwang metara ka lona (kapa tekanyetso ya palo) esita le ho balwa ha metara (kapa tekanyetso ya palo)
Tefello e tshwanelehileng
Palo ya bongata (diyuniti) tsa motlakase tse sebedisitsweng (kapa tse lekantsweng) nakong e boletsweng akhaonteng
Tjhelete ya motlakase o sebedisitsweng bakeng sa nako e boletsweng akhaonteng le palohare ya letsatsi le letsatsi nakong eo
Letsatsi le tefello e fetileng ya akhaonte
Tjhelete e saletseng morao, haeba e le teng
Ditefello dife kapa dife tse boletsweng akhaonteng esita le tlhaloso ya hore na di ne di lefella eng
Tjhelete yohle e lokelang ho leshwa
Letsatsi la ho qetela leo ka lona tefello e lokelang ho etswa e le ho qoba tjhelete ya kahlolo
Mekgwa e dumeletsweng ya ho lefa
Tjhelete e saletseng morao esita le temoso e ngotsweng ya hore ha tjhelete eo e sa leshwe ho tla ba le ho kgaolwa ha phepelo ya motlakase wa mosebedisi habe a sa lefe nakong ya matsatsi a leshome le metso e mene.
Ho bohlokwa le hore dintlha tsena tse latelang le tsona di kenngwe
Dibaka tseo ho leshwang ho tsona, dihora tsa tshebetso, nomoro ya mohala (fonofono) le nomoro ya fakese
Sesebediswa sa phetiso ya sekgahla sa motlakase (haeba ho hlokeha jwalo)
Qetello le leano la tshebetso haeba dibaka di kwetswe.
Dibaka tsa tefello ya motlakase
Mofepedi wa motlakase o tla hlokomela hore haeba ho kgoneha ho be le menyetla ka hare kapa haufi le dibaka tsa ditoropo, dibaka tsa kgwebo le dindaseteri e le ho thusa basebedisi ba motlakase ho lefa diakhaonte tsa bona e le ho rarolla ditletlebo tsa diankhaonte.
Dikahlolo tsa ho se lefelle motlakase
Mofepedi wa motlakase o tla latela dipehelo tsena tse latelang malebana le ho kgaolwa kapa ho hokelwa ha phepelo ya motlakase bakeng sa ho lefe diakhaonte:
Mofepedi wa motlakase a ke ke a kgaola motlakase ho fihlela matsatsi a leshome le metso e mene a fetile kamora letsatsi la tefello ya akhaonte ya motlakase
Basebedisi ba motlakase ba tla fuwa tsebiso ya tlhokomediso nako ya dihora tse mashome a mane a metso e mene malebana le kgaolo ya motlakase e ka nnang ya etswa.
Ho kgaolwa ha motlakase ho ke ke ha etswa pele ho dihora tse pedi pele ho kwalo ya ditefello tsa motlakase e tlwaelehileng sebakeng sa tefello.
Ho kgaolwa ha motlakase ho ke ke ha etswa mafelong a veke, matsatsi a setjhaba a phomolo, kapa ka Labohlano (ha e se feela ha menyetla ya ditefello le ho hokelwa ha motlakase e ka ba teng ka Moqebelo hoseng); kapa ka letsatsi le etellang pele letsatsi la setjhaba la phomolo
Re lokela ho hlokomela hore mehato ena ha e sebetse haeba ho lokela ho kgaolwa kapa ho hokelwa ha motlakase kamora hore ho be le tshitiso ya phepelo ya motlakase e le ho sebedisa motlakase ka ntle ho molao; kapa haeba ho na le ditumellano tse ding tse entsweng le mosebedisi wa motlakase.
Ditletlebo malebana le akhaonte
Ditletlebo tse entsweng ka ho itlhahisa ka seqo ho mofepedi wa motlakase dibakeng tse boletsweng kapa ka ho letsetsa mofepedi mohala, di lokela ho sebetswa nakong ya matsatsi a mararo a tshebetso. Tletlebo ka lengolo e lokela ho sebetswa nakong ya matsatsi a mahlano a tshebetso.
Dibaka tse kwetsweng
Haeba mofepedi wa motlakase a hloleha ho kena sebakeng se itseng ho tla bala metara ya motlakase o sebedisitsweng ke mosebedisi wa motlakase, ho tla siuwa karete e balang metara wa motlakase kapa tsebiso (kapa ka bobedi) sebakeng seo. Mosebedisi wa motlakase o lokela ho kgutlisa karete eo e supang palo e sebedisitsweng ya motlakase kareteng ya metara ka letsatsi le beilweng mme ha ho se jwalo, bongata ba motlakase o sebedisitsweng bo tla lekanyetswa feela hore e ka ba bo bokae.Haeba karete ena e bontshang palo e sebedisitsweng ya motlakase e sa kgutlisetswe pele ho boela ho balwa dimetara hape, mofepedi wa motlakase o tla tshwanela ho ikopanya le mosebedisi wa motlakase. Haeba kamora nako e itseng e neng e badilwe mofepedi wa motlakase a hlolehile ho kena sebakeng se itseng ho nka ditekanyetso tsa motlakase, phepelo ya motlakase e ka nna ya kgaolwa kamora hore mosebedisi wa motlakase a tsebiswe taba tsena ka lengolo.
Boipelaetso ka ditekanyetso tse badilweng tsa motlakase
Mofepedi wa motlakase o tla hlahloba hore metara o sebetsa hantle ka tshwanelo ha mosebedisi wa motlakase a kopa jwalo mme a bile a lefile tjhelete e itseng malebana le mosebetsi ona. Tjhelete ena e tla kgutlisetswa ho mosebedisi wa motlakase haeba metara o fumanwa o sa sebetse hantle.
Mosebedisi wa motlakase a ka lebella hore metara wa hae wa motlakase o hlahlojwe nakong ya matsatsi a leshome le metso e mehlano kamora ho lefa tjhelete e boletsweng.
KGAOLO E QOBELLEHANG YA PHEPELO YA MOTLAKASE HO MARANGRANG A MOTLAKASE
Ho ka ba le kgaolo ya motlakase e sa lebellwang ka nako le nako mme hona ho ka etsahala ka ntle ho taolo ya mofepedi wa motlakase. Ho etsahala ha kgaolo tsa mofuta ona esita le dinako tsa ho sebetsa hape ha maranrang a motlakase ho tla laolwa ke mofuta wa maranrang a phepelo ya motlakase. Ha re tea ka mohlala, mosebedisi wa motlakase ya sebedisang maranrang a sejwalejwale a motlakase a hoketsweng ka bokgabane a ka ba le kgaolo tse mmalwa tsa motlakase mme ebile a ka kgutlisetswa motlakase ka nako e kgutshwanyane ha o ne o kgaotswe. Sena se ka etsahala hantle ho feta ha mosebedisi wa motlakase ya fumantshwang motlakase ka maranrang a sekgalekgale a motlakase ka lebaka la hobane ho ka ba le menyetla e fokolang ya ho sebedisa dikgokelo tse ding tsa maranrang a motlakase.
Makgetlo a ho etsahala ha diphoso esita le nako e nkuwang ho lokisa diphoso tseo a tla fapana dibakeng tsa ditoropo ho latela hore na maranrang a motlakase ke a ka tlase ho lefatshe kapa ke a ka hodimo. Bongata ba maranrang a motlakase a mahaeng ke a tsamayang hodimo.
Mofepedi wa motlakase o lokela ho etsa tsebiso nakong ya dihora tse mashome a mabedi a metso e mene ka fonofono e le hore basebedisi ba motlakase ba tsebe ho beha phoso efe kapa efe e etsahalang mme phoso e tsebisitsweng e lokela ho fuwa nomoro e ikgethang e le hore mosebedisi wa motlakase a tsebe ho etsahalang.
Diphoso tse etsahalang di a fapana mme ke ka sewelo ho ka kgonehang hore basebedisi ba motlakase ba tsebiswe hore diphoso tseo di tla lokiswa neng e le ho kgutlisetsa phepelo ya motlakase. Le ha ho le jwalo, mosebedisi wa motlakase a ka tiisetswa hore diphoso tsohle di tla lokiswa mme phepelo ya motlakase e tla kgutlisetswanakong ya dihora tse mashome a mabedi a metso e mene, ha e se feela maemong a sa tlwaelehang.
Mona re fumana pontsho ya makgetlo ao ka ona ho ka bang le thibelo e qobelehang ya phepelo ya motlakase e ka lebellwang bakeng sa mefuta e fapaneng ya maranrang a motlakase.
Dibaka tsa bodulo tse seng di ahilwe matlo tse tswetseng pele
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a tsheletseng ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome le metso e mmedi tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a mane ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome le metso e mmedi tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di tswela pele
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a leshome ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse mashome a mabedi tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a mane ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse mashome a mararo tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Dibaka tsa kgwebo le diindaseteri tse nyenyane ho isa tse mahareng
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a tsheletseng ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka makgetlo a mabedi ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse leshome tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba sebedisang maranrang a tsamayang hodimo
Basebedisi bana ha ba be le kgaoho ya motlakase e fetang makgetlo a mashome a tsheletseng ka selemo le selemo ka palo yohle e sa fetang dihora tse makgolo a mabedi a dihora ya ho kgaoha ha motlakase.
Re lokela ho hlokomela hore makgetlo a kgaoho e qobelehang ya motlakase karolong ena ya ho qetela ya basebedisi ba motlakase e hlile e phahame ho feta dikarolo tse ding ka lebaka la hobane ho sebediswa dithapo tse mathang hodimo tse ka nnang tsa tsukutlwa ke maemo a lehodimo mme ebile ho se na mekgwa e meng hape ya ho hokela motlakase bakeng sa phepelo ya motlakase.
Bafepedi ba na le lenane la basebedisi ba motlakase ba lokelang ho thuswa pele ha ho lokela ho hokelwa e le ho kgutlisetsa phepelo ya motlakase haeba ho ile ha ba le kgaolo e ke keng ya qojwa ya motlakase. Dipetlele, ditleliniki esita le diphaposi tsa tshebetso ya bongaka di ka lokela ho hokelwa pele haeba ho busetswa phepelo ya motlakase.
Basebedisi ba motlakase ba sebedisang metjhini e tsheheditseng bophelo ba bona kapa ba nang le dikgwebo tse sebetsang haholo ka ho ba teng ha matla a motlakase, ba lokela ho ikopanya le bafepedi ho etsa ditlhophiso tse ikgethileng.
DITHIBELO TSE RERILWENG TSA PHEPELO YA MOTLAKASE
E le hore ho tsebe ho lokiswa kapa ho eketswa maranrang a motlakase, mofepedi wa motlakase ka nako e nngwe a ka lokela ho tima motlakase tulong ya mosebedisi wa motlakase. Hangata mofepedi o lokela ho tsebisa mosebedisi wa motlakase bonyane dihora tse mashome a mane a metso e robedi ka boikemisetso bona ba ho kwal phepelo ya motlakase. Mofepedi wa motlakase o tla sebedisa mokgwa o tsebahalang wa phatlalatso bakeng sa ho tsebisa basebedisi ba motlakase ka letsatsi, nako le bolelele ba nako ya ho kgaola phepelo ya motlakase. Hona ha ho sebetse nakong ya ho lokiswa ho qobelehang ha metjhini nakong ya kotsi kapa haeba tieho e ka boela ya ntshetsa pele mathata a phepelo ya motlakase.
Basebedisi ba motlakase ba sebedisang metjhini e tsheheditseng bophelo ba bona kapa ba nang le dikgwebo tse sebetsang haholo ka ho ba teng ha matla a motlakase, ba lokela ho ikopanya le bafepedi ho etsa ditlhophiso tse ikgethileng.
Mona re fumana pontsho ya makgetlo ao ka ona ho ka bang le thibelo e qobelehang ya phepelo ya motlakase e ka lebellwang bakeng sa mefuta e fapaneng ya maranrang a motlakase.
Dibaka tsa bodulo tse seng di ahilwe matlo tse tswetseng pele
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a mabedi ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng hanngwe ka selemo se seng le se seng sa bobedi mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Dibaka tsa bodulo tse ntseng di tswela pele
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng ka lekgetlo le le leng ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Dibaka tsa kgwebo le diindaseteri tse nyenyane ho isa tse mahareng
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a motlakase a mathang hodimo ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase e rerilweng ka makgetlo a mabedi ka selemo le selemo mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
Basebedisi ba motlakase ba fepelwang ka motlakase ka ho sebedisa maranrang a mathang ka tlase ho lefatshe ba ke ke ba ba le kgaoho ya motlakase ka lekgetlo le le leng ka selemo se seng le se seng sa bobedi mme qetellong ho be le palo yohle ya dihora tse tsheletseng tsa ho kgaoha ha motlakase selemong seo.
DITLETLEBO TSA BASEBEDISI BA MOTLAKASE, DIPATLISISO LE DIKOPO
Basebedisi ba bangata ba motlakase ba a tsieleha ha ba lokela ho hlahisa ditletlebo tsa bona kapa ba batla ho tseba ka taba e itseng.
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba bo kenyeletsa tshebeletso ena ho tswa ho bafepedi ba motlakase ka hara NRS 047.
Ditletlebo tsa basebedisi ba motlakase
Bafepedi ba motlakase ba lokela ho leka ho rarolla mathata a ditletlebo tsa basebedisi ba motlakase a tlileng ka tsela ya difonofono kapa ka ho itlhahisa ka seqo ka potlako e kgolo. Ba lokela ho etsa sena ka ntle le ho fetisetsa basebedisi ho a kopa thuso sebakeng se seng se itseng.
Haeba ho lokela hore ho etswe dipatlisiso, mosebedisi wa motlakase ya tletlebang o tla lokela ho tsebiswa ka lengolo nakong ya matsatsi a mabedi mme bothata boo ba hae bo rarollwe nakong ya diveke tse pedi.
Dipatlisiso tsa basebedisi ba motlakase
Mofepedi wa motlakase o tla leka ho rarolla bothata ba mosebedisi wa motlakase ba dipatlisisomme a mo eletse ka potlako a sa mo lebise sebakeng se seng.
Ha mofepedi wa motlakase a fumana taba ena ya patlisiso ya mosebedisi wa motlakase ka mohala kapa ka ho buisana le bona mme ditletlebo tseo di batla diphuputso, o lokela ho araba mosebedisi wa motlakase nakong ya matsatsi a mahlano a tshebetso.
Dipatlisio tsa mangolo tse tswang ho basebedisi ba motlakase di lokela ho sebetswa nakong ya diveke tse tharo.
Dikopo tsa basebedisi ba motlakase
Ho latela lengolo la kopo le amang mosebetsi wa mofepedi wa motlakase, mofepedi wa motlakase o lokela ho araba nakong ya diveke tse pedi.
Dikarabo di lokela ho kenyeletsa dintlha tsa bohlokwa e le ho ntshetsa pele tshebetso ya kopo.
HO SE IKAMAHANYE LE NRS 048-2
Ha NRS 047 e sebetsana le boleng ba mosebetsi o etswang ke bafepedi ba motlakase ho basebedisi ba motlakase, NRS 048 yona e sebetsana le phepelo ya motlakase ho basebedisi ba motlakase.
Dintlha tse kang ho phahama le ho theoha ha sekgahla sa motlakase, ho kgaolwa ho fetang tekano ho tlamang le ho rerilweng, ho fokola ha motlakase ka hara maranrang a motlakase esita le phepelo e sa kgotsofatseng ya motlakase, di ka qosa hore mosebedisi wa motlakase a ikopanye le mofepedi wa motlakase ho lokisa dipho tse jwalo.
Nako e tla nkwa ho lokisa rarolla mathata a jwalo ke boikarabelo ba NRS 047.
Ha re hlile re totobatsa hantle, mosebedisi wa motlakase o lokela ho fa mofepedi wa motlakase nako e lekaneng ya ho rarolla mathata a hlahisitsweng. Mathata a mang a ka nna a qosa hore mofepedi wa motlakase a etse diteko tse matla, a etse meralo e itseng esita le merero ya kaho pele a ka rarollwa. Le ha ho le jwalo, mofepedi o lokela hore a nahanele mosebedisi wa motlakase ha a sebetsana le yena mme ke ha feela mosebedisi wa motlakase a sa kgotsofale mofepedi a ka fetisetsang tletlebo eo ya mosebedisi wa motlakase ho Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba.
BOLAODI BA MOTLAKASE WA SETJHABA
Bolaodi ba Motlakase wa Setjhaba
Ho fihlela ka la 30 Pudungwana 2001
Ho tloha ka la 1 Tshitwe 2001
BOLAODI BA MOTLAKASE WA SETJHABA
Dintlha tsa dipatlisiso
Ho fihlela ka la 30 Pudungwana 2001 Ho tloha ka la 1 Tshitwe 2001
Mohala Mohala
Fakese Fakese
